TSEBO E MONATE...bapale papadi ya ho tsoma mahe a Paseka le ho fana ka dimpho, tse jwaloka mahe a...

2
Ithute haholwanyane ka hore na Paseka ke eng le hore na hobaneng batho ba keteka letsatsi lena la bodumedi. Hobaneng ha re keteka Paseka? Bakreste ba keteka pale ya Paseka mme ba dumela hore Jesu o shwelletse dibe tsa rona mme a tsoswa bafung. Jesu o shwele ka Labohlano le Letle mme a phela hape ka Sontaha sa Paseka. Ka Sontaha sa Paseka batho ba ya kerekeng, ba ja dijo tsa kgethehileng tsa lelapa, ba bapale papadi ya ho tsoma mahe a Paseka le ho fana ka dimpho, tse jwaloka mahe a Paseka le chokolete. E hlophisitswe ke Shamilah Petersen Ditshwantsho Wikimedia Commons, iStock Mehlodi cocoarunner.com/explore/bean-to-bar.cadbury.com.au TSEBO E MONATE Hot cross bun ke bohojwana bo dinoko, bo tswekere bo entsweng ka merara e ommeng mme di tshwailwe ka sefapano kahodimo ka icing e tshweu. Sefapano seo se emetse ho thakgiswa ha Jesu. E ya ho www. kiddyhouse.com/ Songs/Hotcross.html ho boha video ya pina ya hot cross bun. NA O NE O TSEBA? Paseka ha e ka letsatsi le tshwanang selemo le selemo. Hangata e ka Sontaha sa pele kamora equinox ya Hlakubele (ha letsatsi le bosiu bobedi di le bolelele ba dihora tse 12). Selemong sena Sontaha sa Paseka se ka 16 April. LENTE ke eng Lente ke matsatsi a 40 a pele ho Sontaha sa Paseka. Nakong ena e halalelang Bakreste ba bangata ba dikereke tsa Chache, Lutere, Methodist le Roma baa itima kapa ba ila dijo tse itseng, jwaloka mahe. Ka moetlo ho itima hona ho ne ho kgaolwa ka ho sa lehe le kgabisitsweng. Lena ke le leng la mabaka ao re nang le mahe a Paseka. TIMANG MABONE! Dimmutla hangata di robala motsheare – mahlo a tsona a butswe. Jwale o tseba jwang haeba di hlile di robetse? Dinko tsa tsona di emisa ho sisinyeha! TSOHLE MABAPI LE PASEKA Dihot-cross bun Dihot-cross bun Peni e le nngwe Peni tse pedi Dihot-cross bun Haeba o sena moradi Di fe mora wa hao Peni e le nngwe Peni tse pedi Dihot-cross bun Mmutla wa Paseka Moetlo wa Mmutla wa Paseka o tlisang mahe a chokolete o qadile Yuropa. Lefatsheng la leboya, Paseka e maqalong a sehla sa selemo. Hobane masimo a qala ho ba matala kamora mariha a serame, a lehlwa mme diphoofolo tse ngata di belehwa ka nako ena, Mmutla wa Paseka le mahe ke sesup sa qaleho e ntjha. MESEBETSI YA BANA

Transcript of TSEBO E MONATE...bapale papadi ya ho tsoma mahe a Paseka le ho fana ka dimpho, tse jwaloka mahe a...

Page 1: TSEBO E MONATE...bapale papadi ya ho tsoma mahe a Paseka le ho fana ka dimpho, tse jwaloka mahe a Paseka le chokolete. E hlophisitswe ke Shamilah Petersen Ditshwantsho Wikimedia Commons,

Ithute haholwanyane ka hore na Paseka ke

eng le hore na hobaneng batho ba keteka

letsatsi lena la bodumedi.

Hobaneng ha re keteka Paseka? Bakreste ba keteka pale ya Paseka mme ba dumela hore Jesu o shwelletse dibe tsa rona mme a tsoswa bafung. Jesu o shwele ka Labohlano le Letle mme a phela hape ka Sontaha sa Paseka. Ka Sontaha sa Paseka batho ba ya kerekeng, ba ja dijo tsa kgethehileng tsa lelapa, ba bapale papadi ya ho tsoma mahe a Paseka le ho fana ka dimpho, tse jwaloka mahe a Paseka le chokolete.

E h

loph

isitsw

e ke

Sha

mila

h P

eter

sen

Dits

hwan

tsho

Wiki

med

ia C

omm

ons,

iSto

ck M

ehlo

di co

coar

unne

r.com

/exp

lore

/bea

n-to

-bar

.cad

bury

.com

.au

TSEBO E MONATEHot cross bun ke bohojwana bo dinoko, bo tswekere bo entsweng ka merara e ommeng mme di tshwailwe ka sefapano kahodimo ka icing e tshweu. Sefapano seo se emetse ho thakgiswa ha Jesu. E ya ho www.kiddyhouse.com/Songs/Hotcross.html ho boha video ya pina ya hot cross bun.

NA O NE O TSEBA?

Paseka ha e ka letsatsi le tshwanang selemo le selemo. Hangata e ka Sontaha sa pele kamora equinox ya Hlakubele (ha letsatsi le bosiu

bobedi di le bolelele ba dihora tse 12). Selemong sena Sontaha sa Paseka

se ka 16 April.

LENTE ke engLente ke matsatsi a 40 a pele ho Sontaha sa Paseka. Nakong ena e halalelang Bakreste ba bangata ba dikereke tsa Chache, Lutere, Methodist le Roma baa itima kapa ba ila dijo tse itseng, jwaloka mahe. Ka moetlo ho itima hona ho ne ho kgaolwa ka

ho sa lehe le kgabisitsweng. Lena ke le leng la mabaka ao

re nang le mahe a Paseka.

TIMANG MABONE!Dimmutla hangata di robala motsheare – mahlo a tsona a butswe. Jwale o tseba jwang haeba di hlile di robetse? Dinko tsa tsona di emisa ho sisinyeha!

TSOHLE MABAPI LE

PASEKA

Dihot-cross bun

Dihot-cross bun

Peni e le nngwe

Peni tse pedi

Dihot-cross bun

Haeba o sena moradi

Di fe mora wa hao

Peni e le nngwe

Peni tse pedi

Dihot-cross bun

Mmutla wa Paseka

Moetlo wa Mmutla wa Paseka o

tlisang mahe a chokolete o qadile

Yuropa. Lefatsheng la leboya, Paseka

e maqalong a sehla sa selemo.

Hobane masimo a qala ho ba

matala kamora mariha a serame, a

lehlwa mme diphoofolo tse ngata di

belehwa ka nako ena, Mmutla wa

Paseka le mahe ke sesup sa

qaleho e ntjha.

MESEBETSI YA BANA

Page 2: TSEBO E MONATE...bapale papadi ya ho tsoma mahe a Paseka le ho fana ka dimpho, tse jwaloka mahe a Paseka le chokolete. E hlophisitswe ke Shamilah Petersen Ditshwantsho Wikimedia Commons,

71 APRIL 2 0 1 7

HAPA !

HAPA ! Babadi ba banyane ba 4 ba ka ikgapela karete ya mpho ya R250 ya Ackermans. Kopa Mme kapa motho e moholo ho romela WhatsApp ya setshwantsho sa hao se seholo le ntho eo o e entseng, puzzle eo o e qetileng kapa setshwantsho seo o se radileng ho 072 127 6608.

Baithuti bana ba bane ba banyenyane ba ikgapetse KARETE YA MPHO YA R250.

Evuya Siko (5) o rata ho etsa di-puzzle..

Reatlegile Phatlane (4) o bontsha tsebo ya hae ya ho taka ka mmala.

Remoratile Mogotsi’s (2) o rata lenaneo la TV la Sofia the First.

Tumishang Matlaila (7) o rata ho bina.

Babadi ba 5 ba ka ikgapela kopi ya dibuka tse Ntjha tsa ALL-IN-ONE Grade R

Workbooks (Boitemohelo ba Bophelo, Mmetse le Puo ya

Lapeng). Kopa Mme ho SMSa ‘GRADE R’ le nomoro ya hae

ya akhaonte ho 31457 pele ho la 30 Mmesa 2017.

IKETSETSE MMUTLA WA HAO WA MARSHMELLO

HO ETSA1 Seha marshmello tse pedi ka halofo. Sebedisa dihalofo tse pedi

bakeng sa maoto.2 Seha halofo e nngwe ka dikgutlotharo tse pedi ho etsa ditsebe.

Seha halofo ya ho qetela ka dikotara bakeng sa matsoho.3 Jwale beha marshmello e felletseng hodima thupa bakeng sa

mmele le e nngwe bakeng sa hlooho.

Hore dimarshmello di manamane di kenye maekroweiveng metswana e mmedi.

HO ETSAMmutla wa marshmello,

disebediswa, ditaelo le malebela

HAPA !

Monghadi Mmutla o thola ka R200 monyakong wa hae mme o nka qeto ya ho e busetsa ho monga yona, Monghadi Mandela, ya dulang Johannesburg. Empa Monghadi Mmutla haa tsebe ho bala EBILE tjhelete e dula e fetoha mebala! Babadi ba 4 ba ka ikgapela kopi ya Mr Hare Meets Mr Mandela ya Chris van Wyk le Paddy Bouma (Jacana Media). Kopa Mme ho SMSa ‘MR HARE’ le nomoro ya hae ya akhaonte ho 31457 pele ho la 30 Mmesa 2017.

LEFATSHE LA PASEKA

AFRIKA BORWABeke e hlohonolofetseng e qala ho tloha ka Sontaha sa Makala ho fihlela Sontaha sa Paseka, ha malapa a ya kerekeng, ebe kamora moo a dula fatshe ho ja dijo tse ka kenyelletsang tlhapi e phehilweng ka vinegar le di-hot cross bun.

AUSTRALIABana ba nka karolo mokolokong wa dikatiba tsa Paseka – ba potoloha sekolo le ho nyolosa le ho theosa diterata ba rwetse dikatiba tse kgabisitsweng ka ditsebe tsa mmutla le metako ya dikgoho.

FORADitshepe tsa kereke ha di lle matsatsi a mararo – ho tloha ho Labohlano le Letle ho isa ho Sontaha sa Paseka – sesupo sa bofifi bakeng sa Kreste ya thakgisitsweng.

ETHIOPIAFasika ke Paseka ya Ethiopia mme batho ba itima dijo bakeng sa matsatsi a 55, ba ja dijo tse senang nama hanngwe feela ka letsatsi. Mokete o nang le Doro Wat, e leng setjhu se dinoko sa kgoho, se tshwaya ho fela ha nako ya ho itima.

MALEBELA